Language Index

Bibele




hobane bohle ba sitilwe, mme ha ba tshwanelwe ke kganya ya Modimo. BaRoma 3:23

Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona. BaRoma 6:23

Hobane le bolokehile ke mohau, ka tumelo; ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo: hase ka mesebetsi, ho tle ho se ke ha eba motho ya ithorisang. BaEfese 2:8-9

Molekgetho yena a ema hole, a tshaba le ho lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a iteta sefuba, a re: Modimo, nkgauhele, nna ke leng moetsadibe. Luka 18:13

Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. Hobane Modimo o romile Mora wa wona lefatsheng, e seng hore a ahlole lefatshe, empa e le hore lefatsh le bolokwe ke yena. Johanne 3:16-17

Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o la tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara. I BaKorinthe 10:13

Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng jwale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le bohodimo, leha e le botlase, leha e le sebopuwa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona. BaRoma 8:38-39

hobane Kreste ke phetho ya molao, ho bea ya lokileng mang le mang ya dumelang. BaRoma 10:4

Hobane o itse: Ke o utlwile nakong e tshwanelang, mme ke o thusitse ka letsatsi la pholoho. Bonang, jwale ke nako e tshwanelang; bonang, jwale ke letsatsi la pholoho. II BaKorinthe 6:2

Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, mme ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang? Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobeletswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang. Diketso 2:37-38

le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete. BaEfese 4:24


BaRoma

hobane bohle ba sitilwe, mme ha ba tshwanelwe ke kganya ya Modimo. BaRoma 3:23

jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ha ho ya lokileng, leha a le mong; BaRoma 3:10

Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona. BaRoma 6:23

Ka baka leo, jwalokaha sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, mme lefu le kene ka sebe, ka mokgwa o jwalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitilwe bohle. BaRoma 5:12

Efela, ha re ne ra se na matla, Kreste a shwa ka nako e tshwanelang, sebakeng sa ba sa reng letho ka Modimo. BaRoma 5:6

Empa moo Modimo o totisitseng lerato la wona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona. BaRoma 5:8

ya bonahaditsweng ka matla hoba ke Mora wa Modimo, ka Moya o Halalelang, ka ho tsoha ha hae bafung; BaRoma 1:4

re tswe re tseba hoba Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a eshwa; lefu ha le sa na matla ho yena. BaRoma 6:9

e reng: Ekare ha o bolela ka molomo wa hao hobane Jesu ke Morena, mme o dumela pelong ya hao hobane Modimo o mo tsositse bafung, o tla bolokeha. BaRoma 10:9

Hobane mang le mang ya rapelang lebitso la Morena, o tla bolokeha. BaRoma 10:13

Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng jwale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le bohodimo, leha e le botlase, leha e le sebopuwa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona. BaRoma 8:38-39


Ntata rona ya mahodimong

Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a la ke le kgethehe; ho tle mmuso wa hao; thato ya hao e etswe lefatsheng, jwalokaha e etswa lehodimong; o re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng; o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha re tshwarela ba nang le melato ho rona; o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!] Mattheu 6:9-13


Pesaleme ya 23

Jehova ke modisa wa ka, nke ke ka hloka letho. O mphomotsa makgulong a matala, o ntsamaisa pela metsi a kgutsitseng. O hlabolla moya wa ka; o ntsamaisa mehlaleng ya ho loka, ka baka la lebitso la hae. Leha nka tsamaya kgohlong ya moriti wa lefu, nke ke ka tshoha bobe leha bo le bong, hobane o na le nna; lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntshedisang. O teka tafole pela ka, pontsheng ya dira tsa ka; o tlotsitse hlooho ya ka ka ole, mohope wa ka o a kgaphatseha. Ruri, lehlohonolo le mohau di ntse di ntatela ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha ka, mme ke tla nne ke hlole ka tlung ya Jehova kamehla.




Mehleng eo, ha hlaha taelo ya Sesare Augusto, e reng, ho ngolwe palo ya baahi ba lefatshe lohle. Palo eo ke ya pele, ya etswa Kuirine e le mmusisi wa Siria. Yaba batho bohle ba ya ho ngolwa, e mong le e mong motseng wa habo. Josefa le yena a tloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida, o bitswang Bethlehema, etswe e ne e le motho wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae; ba ya ho ngolwa le Maria, mosadi eo a mo lebeleditseng, e neng e le moimana. Ba sa le moo, matsatsi a ho beleha ha hae a phetheha; a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phuthela maseleng, mme a mo robatsa sejelong, kahobane ho ne ho se sebaka sa bona tlung ya baeti. Ho ne ho le badisa naheng eo, ba phelang metebong, ba lebetse mehlape ya bona bosiu. Jwale hang, lengeloi la Morena la ba hlahela, kganya ya Morena ya ba teela hare, mme ba tshaba ka tshabo e kgolo. Lengeloi la re ho bona: Se tshabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kgolo, e monate, eo e tla ba ya setjhaba kaofela; ke ho re, kajeno, le tswaletswe Mmoloki, motseng was Davida; ke Kreste, Morena. Seo e tla ba pontsho ho lona, le tla fihlela lesea le phuthetsweng, le robaditsweng sejelong. Yaba bongata ba makgotla a lehodimo bo phakisa bo eba le lengeloi leo, ba boka Modimo, ba re: Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona. Eitse hobane mangeloi a ba tlohele ho kgutlela lehodimong, badisa ba buisana, ba re: A re hle re yeng Bethlehema, re tle re bona taba eo e hlahileng teng, eo Morena a re tsebisitseng yona. Yaba ba phakisa ba eya, ba fihlela Maria, le Josefa, le lesea le robaditsweng sejelong. Eitse hobane ba le bone, ba bolela kahohle taba tsa ngwana, tseo ba di boleletsweng. Bohle ba utlwang, ba makala ke ditaba tseo ba di bolellwang ke badisa. Haele Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di nahana pelong ya hae. Badisa bona ba kgutla, ba ntse ba rorisa Modimo, ba o boka ka baka la tsohle tseo ba di utlwileng, le tseo ba di boneng, kamoo ba di boleletsweng kateng. Luka 2:1-20

Copyright © Bible Society of South Africa 1987

Bosiu bo kgutsitseng
Tsimoloho (Genesis) 1-3


Language index